Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ho hotle ho u tlotla

1 Ho hotle ho u tlotla- E moholo-holo,
Ho roka ka pelo – la Jehova.
Lebitso ha le chaba – Lebitso la Jehova.
Lebitso ha le chaba – Ho bokoe mos'a hao,
Paballo, mohau, – Ha le se le likela.

2 Liphala la harepa – Li re tlatse mantsoe,
Thomo e tilinngoe, – Re nyolose sefela!
Ketso tsa hao, Morena – Ke tsa bokhabane:
Ruri, pelo ea me – E maketse ke tsona.

3 Li mehlolo hakaakang – Tse u li hopotseng
Le tsee u li entseng! – Ea sa li tsoteng ke mang?
Motho ea leng leoatla, – Li mo tšerehantse,
Athe u li entse, – Li u boke ka mehla.

4 Leha baetsalibe – Ba hola e ka joang,
Le see ba se etsang, – se ba atela hobe,
tšenyeho e aba tlela – Ho falleng ha bona;
'Me, uena, Morena, – U phahame ka mehla.

5 Ba sa rateng Jehova – Ba ke ke ba phela;
Ba babe kaofela – U se u tla ba hofa;
Athe, lenaka la ka – U tla le fa matla,
Ke thabe ka mehla, – Ke hlole lira ho 'na.

6 Ha e le ea lokileng, – U tla holisa
Joale ka sefate- se melang lebanoneng.
Ba hlomiloeng ka 'nete – Ka tlung ea morena
Ba bea tholoana – Tse ngata, tse monate

Leave a Reply

Ho hotle ho u tlotla