Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Helang utlwang! mohoo wa utlwahala

1. Helang, utlwang, mohoo wa utlwahala,
Ke o tswang kahohle dichabeng;
O tla le metse le metsana ka matla.
Jo, ho lla ba lefifing:
Re hauheleng, thusang;
Oho, le tle ho rona,
Re batho ba timelang,
Re lakatsa ho phela,
Re tlisetseng disedi,
Sedi la evangedi.

Helang, utlwang, mohoo o ntse o hola,
Chabeng tse hole le haufi.
Ba le tshepile lona, ha ba ntse ba lla.
O, phallang, badumedi.

2. Helang, Moren'a lona wa le laela,
Ke thomo ya Jesu, o re: E-eang
Mafatsheng 'ohle le dichabeng kaofela,
Ka taba tse phedisang!
Leha ho k aba hole,
Ho k aba le bodutu,
Le bothateng bosele,
Le se feleng dipelo.
Tieang, ken a le lona,
Ka mehla le ka mehla.

Helang hle, lona, bahlanka ba Morena,
Tumisang taba tse molemo;
Se khutseng, buang, le tlerole le lona,
Le tumiseng tsa khotso!

3. Ruri, lebitso le letle la Morena
Le tla aparela dichaba;
Batho ba kae le kae, maqheku le bana,
Bohle bat la le tseba.
Ba tla tswa bochabela,
Ba tswe bophirimela.
Ha ba hlaha Moreneng,
Thabo e tla ba kaakang,
Mohlang oo ba kopanang
Ka khotsong e sa feleng!
E, mohlang oo, bat la rorisa Morena,
Ka pelo le ka ntoe le leng,
Bohle bat la bina sefela se secha,
Sa e aba lopolotseng.

Leave a Reply

H

Helang utlwang! mohoo wa utlwahala