Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (16 rating, 4 votes)
Loading...

Ha o jala e sa le meso

1 Ha o jala e sa le meso,
U jala motshear'o moholo,
U jala e sa le hosasa,
U sa phetse le mantsiboya,
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jadiloeng leseding, lefifing
Ka phokolo, ka matla a tletseng,
Di tla ba jwang mohla di kotulwang!

2 Ha o jala le ka tumelo,
Ha o jala ka mehla, kahohle,
U sa tshabe le mokhathala,
U ntse o jala peo e ntle,
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jadiloeng…

3 Ha o jala le ka tumelo,
U ntse o nosetsa ka thapelo,
Dinyedisong le mahlomoleng,
U tla khora ka nako ya teng.
Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jadiloeng…

4 Ha o ka jala ka bowatla,
Ditshebo, diphapang, le bothata,
U jala o sa hlokomele,
Ka ho swaswa le ka bohale,
Kotulo ya ba kakaang!
Tse jadiloeng…

5 Ha o jala tse bohloko,
Tse khelosang, tse timetsang batho,
Tsa lebitso le senyehileng,
U jala dihlong tse sa feleng,
Kotulo e'a ba!
Tse jadiloeng

6 Tse molemo di jale jwale,
Ka dipuo le diketso tse ntle;
Leha e ka ba ka meokho;
Jala, o tla kotula thabo.
Kotulo ya ba kakaang!
Tse jadiloeng…

Leave a Reply

H

Ha o jala e sa le meso