Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (9 rating, 3 votes)
Loading...

Fatse le teng la nyakallo

1 Fatše le teng la nyakallo,
E leng la ba phelang;
Fatše leo ke la pallo
Ee re e thabelang;
Ke moo bahloeki ba busang,
Khanyeng e sa feteng,
Hlohonolong le kholisang,
Thabong e sa feleng.

2 Fatše leo ha le hole
Moeli ke lefu;
Etsoe batho re lerole,
Le bocha ke sefi;
Lefu, hape, ke monyako
O isang ho lona
Bana bohle ba topollo
Ba kena ka oona

3 Ho tla ba joang ha re fihla
Khanyeng le monateng,
Moo ho nyakallong ka mehla
Ke bahloeki ba teng?
Re tla leboha Molimo
Bakeng sa topollo;
Re tla rorisa le Jesu
Le Moe'a bophelo

Leave a Reply

Fatse le teng la nyakallo