1 Bonang, ho hlahile marung
Ya shoetseng batho khale,
O tla khutla lehodimong
Ho phutha batho bohle.
Alleluya !
Dumelang , alleluya!
2 Bahlabanedi ba Jesu
Ba bapile le eena,
Mahlo a bona ke metsu,
Ba lwanela Morena.
Alleluya!
Dumelang, alleluya!
3 Mafatshe a thothomela,
Mafika a petsoha,
Le dinaledi tsa wela,
Letsatsi la fifala.
Alleluya!
Dumelang, alleluya!
4 Utlwang, ho hlajwa mokhosi
Wa ho tsosa ba shweleng,
Ba mengwa ke Moahlodi,
Ba tswa bohle mabitleng.
Alleluya!
Dumelang, alleluya!
5 dumelang, bana ba me,
Lona bohle ba nthatang,
Sieang mobu, le phahame,
Tlong ho 'na atamelang!
Alleluya!
Dumelang, alleluya!


