1 Batho bohle ba merabe,
Ba basweo le ba batsho,
Bohle ke baetsadibe,
Batho ba melato-lato.
2 Modimo o n'o ngodile
Melao pelong tsa bona,
Ba e roba eohle-eohle,
Ba ikhantshetsa Morena.
3 Jo, ke ba tshwanelang lefu,
Ho timela ho sa feleng;
Pel'a Moren'e moholo
Ha ho ya mong ya lokileng.
4 Empa ho hlahile Jesu,
Mor'a Modimo. 'Moloki;
A ba lefela melato,
Tefong ha tsholoha madi.
5 Sefapanong, ka lerato,
A shwa; batho ba 'molaya.
A ba qobela dikotlo,
Ba dumelang ba pholoha.