Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Bakhethwa, binang alleluya

1. Bakhethwa, binang alleluia,
Phokolang fela sa thabo;
Jesu, 'Moloki wa lona,
O tsohile: ke nyakallo.
E, mo-khora-mahlomola,
Eena, molahluwa wa batho,
Kajeno o hlotse lebitla.
Thabang: ho tsohile Jesu!

2. Bakhethwa, binang alleluia,
Thabang, hlakolang maswabi
Ya neng a shwele wa phela,
O tsohile bafung, 'Moloki.
Lebitla le bulehile,
Le botsho ba lona bowa khanya.
Nyakallang, Jesu o tsohile:
Binang, binang alleluia!

3. Bakhethwa, binang alleluia,
Tsa lefu di nathohile;
Jesu o hlotse lebitla,
Ho bola ha ho mo nkhele.
Khothalang, le be le tshepo,
Ha le san a ho tshoha lefu,
Phokolang sefela sa hlolo!
O le hloletse le lefu.

4. Bakhetwa, binang alleluia,
Thabang le ba pholohileng!
Hammoho le Mong'a lona
Le phele ka ho sa feleng.
Tsenene e kae ya lefu,
Le ho tshabeha ha lebitla?
Le nyakalleng, ho fentse Jesu!
Tlatsang, binang alleluia!

Leave a Reply

B

Bakhethwa, binang alleluya