8.8.8.8.8.8
1 Ba ratiloeng ke Modimo,
Le lebohe lehodimo,
Jesu o tlile lefatsheng;
A re kopaneng kaofela,
Ho rorisa ka difela (bis)
'Moloki ya re tswaletsweng. (bis)
2 Le rona re filoe pallo
E re bolellang topollo;
Atamelang ka ho thaba!
Ya tlang ke ya ratang batho,
Mo-re-lefella-melato, (bis)
Mothabisi wa dichaba.
3 Re se felloe ke dipelo:
Ntate o re file Jesu
Ho re shwela ka lereko.
O tlohile lehodimong,
A tla boikokobetsong, (bis)
Ho re sitsa ka poloko. (bis)
4 dumela, Moren'a khanya!
Ka matl'a hao re tla fenya
Dira tsa rona kaofela.
Diphutheho tsa hao tsohle
Di o thabele kahohle, (bis)
Di o roke ka difela. (bis)

(4 rating, 1 votes)