Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (5 rating, 1 votes)
Loading...

Ba kae, ba kae bakotudi

1 ba kae, ba kae bakotudi
Har'a lona, badumedi?
Kenang tshimong ya morena,
Tlong, le kotule le lona.
Mabele a butsoitse,
A bile a oetse fatshe.
Oho, nako ya feta!
Mafupu a tswale ditha!
ya khanyang, leha a le mong,
Ho batho ba lahlehileng.
Ke naledi lehodimong,
E khanyang, e sa dikeleng.

2 O, potlakang badumedi,
Leha le se bakotudi;
Leha le re le fokotse,
Kenang, hle, le khwahlapise.
Inamang le thonake
diqwapi, e 'ngoe le 'ngoe.
Ha le hloka lefupu,
Le ka thonaka dihlaku.
ya khanyang, leha a le mong…

3 Bonang, ke lepotla-potla
Ha morena a laela;
Hohle bana ba modimo
Ba tsoile, ba tseka tshimo.
Ha Jesu a hlahloba
Mabele a hae dihlaba,
'Me teng le hloka dihlaku,
Jo, ho tla ba jwang, ba heso
ya khanyang, leha a le mong…

4 Bonang, tsatsi le sa le teng,
Kenang, kenang mosebetseng;
Batlang batho ka pheello,
Le ba khanne ka cheseho,
Ha le ntse le iketla,
Jo, badibe ba timela!
Ba baholo la bana
Ke mabele a morena.
ya khanyang, leha a le mong…

Leave a Reply

Ba kae, ba kae bakotudi