1 Ana ke ntho e ka etswang,
Ke be le dihlong ka wena.
Ka wena, Jesu ya bokwang
Hakaakale ke bakhethwa?
2 Nka ba dihlong ka wena jwang?
Jesu, o nkhapile le pelo!
Ha ho eo nka mo tshepang;
Ke kholwa ke wena Jesu.
3 Ke ne ke le molahlehi,
Empa ha wa ka wa nqena;
'ME ha o nchwetse, 'Moloki,
Nka ba dihlong jwang ka wena?
4 Ke atelwa ke meleko,
ke ya lla, 'me ke ya ngongoreha.
Ha o ntahle, o mpha khorso,
Nka ba dihlong jwang ka wena?
5 Che, nka nyefolwa , ka ilwa,
Empa hase letho ho 'na;
Ha ke le mohauhelwa,
Nka ba dihlonh jwang ka wena?
6 Bitso la hao, Moren'a ka,
Ho 'na ke thwadi, ke khabo;
Ho le paka, ho le roka,
Ha ho thoriso e kalo.
7 Jesu, Mong'a ka, o nthute,
Pelong o khofe bokwala,
Ke o rorise ka 'nete
Bathong, sephiring, ka mehla.