1. Ntat'a rona ya hodimo,
Bitso la hao le halalele;
ho ke ho tle 'muso wa hao, (bis)
O anafale hohle.
2. See o se ratang, Morena,
Se etswe kahohle lefatsheng,
Jwale ka ba le ho wena (bis)
Ba se sebetsa botleng.
3. o re siele kajeno
Bohobe ba ka mehla eohle.
U khodise le dipelo (bis)
Tsa bana ba hao bohle.
4. o re tshwarele melato,
Jwale ka rona re tshwarelang
Diketso tse mpe tsa batho (bis)
Ba melato ho rona.
5. Se re tlohele melekong,
U re lwele bobeng, Morena,
Re be re finyelle hlwekong (bis)
Le khanyeng e ho wena.
6. Hobane 'muso ke wa hao,
Matla, le khanya le bophelo.
U tletse 'nete le mohau (bis)
Ka ho se nang bofelo.
