1 Na hase ntho e ratehang,
Ho tla rapela Morena,
Le dithoko tse khahlehang(bis)
Ho mo nyolosetsa tsona?
2 Re bineng lerato la hae
Le nchafatsang pelo eohle,
Le re thabisang moo le hae,(bis)
Jwale ka sedi le hohle!
3 Re leboheng E moholo,
Ya sa lebaleng le thaha,
Ya ntseng a khorisa motho,(bis)
Ya ntseng a nosetsa naha!
4 Jehova, re bana ba hao,
U re hodise kaofela;
U re atisetse mohau, (bis)
Mohau o se nang ho fela!
5 Tlatsa letsoho le jalang,
Jalo di wele ho bohle;
Taba tsee o di bolelang (bis)
Di kene dipelong tsohle!
