1 Batlang, le badisesise,
Dumedisisang;
Se kholoeng ke bo-ba-re,
Le ikhodisiseng!
Hlobohang bokwala;
Le nyonye khoeela,
Moifo wa Morena,
Le be dinatla!
2 Le ne le le difofu
Le thotofetse,
Jwale, kholwang ke Jesu
Ha le mo fumane!
Hlobohang bokwala,…
3 Le se keng la fokola
Leha le songwa;
Se keng la sinyeha,
Leha le tshoenyeha!
Hlobohang bokwala,…
4 dikhabane tse ngata
Ha di timela,
Di tshaba mokhathala,
Di balehela ntwa,
Hlobohang bokwala,…
5 Se lwaning ka monyebe
Ntwa tsa Morena;
Makhotl'a difotwane
Ke lefela-fela.
Hlobohang bokwala,…
