1. dintle tsa hao di teng ho 'na,
U mphe tebogo, Morena;
U ntokisetse thapelo (bis)
Le thoko ya kananelo. (bis)
2. Ha ke khathetse. wa mpepa;
Ha ke lapile, wa mphepa;
U bohobe bo nkhorisang, (bis)
U sediba sa nkhodisang (bis)
3. U disedi la difofu,
U leleme la dimumu;
Ha ke thibane ditsebe, (bis)
U di phetle, ke o tsebe, (bis)
4. Ha ke lela, wa ntsedisa;
Ha ke baba, wa mphodisa;
U moruti ya re rutang, (bis)
U 'Mploki ya bolokang. (bis)
5. Ha o mpitsitse, ka utlwa,
Lefatshe ka le furalla;
U nkele lesedi, 'Moloki, (bis)
U ntemose, Mweletse! (bis)
6. Tsela ee ke e tsamayang,
Monyako oo ke o kenang,
Ke Moren'a leholomo, (bis)
Mong'a 'nete le molemo. (bis)
7. Ka eena ho fela bobe,
Ka eena ho hlahe botle;
Ke eena phetho ya molao, (bis)
Ya re pholosang ka mohau. (bis)
8. U Modisa ya nkalosang,
U Mophedi ya mphedisang;
U thoko ya ka, o Jesu, (bis)
U letlotlo la haeso. (bis)
