8.7.8.7.
1 Se 'makatsang, se ntlholetseng
Ke ha Moren'a ka
A tlile mona lefatšeng. (bis)
'Me a tla shoela 'na
2 Jo mohau, jo lerato
Tse hlolang leleme!
Jesu, Mora oa Molimo. (bis)
A ntefella libe.
3 A makaakang na masoabi
Pel'a sefapanong
Moo ho keleketlang mali (bis)
A Mor'a Molimo!
4 Taba eo ke e tiisang,
Ke itella uena;
Ana nka iqenehella'ng? (bis)
U iteletse 'na
5 O, 'Moloki ea bokehang,
Ea nthatang hakalo,
Leholimong, moo u busang, (bis)
U 'ne u nkhopele!
