8.8.8.4.
1 Ntate, ha ke sa sepela – hole le hae la heso,
U nthuse, ke tsebe ho re: – ho lokile!
2 See o nkadimileng sona, – Ha o re, ke se busetse
Le teng ke tla leka ho re: – Ho lokile!
3 Leha o re, ke lesane – Le ba ratwang ho fetisa,
Le moo, ke sa leka ho re: -Ho lokile!
4 Leha lefu le bohale – le khaola tshiu tsa ka,
Ke sa ntse ke leka hore: -Ho lokile!
5 fela, ha ken a wena,-Bohlokong le dihlorisong,
Hohle, Ntate, ke ntse ke re: -Ho lokile!

(31 rating, 7 votes)