7.6.7.6.D.
1 Jesu ke setshabelo – Bohlokong ba pelo,
Madi a hae ke tefo – E lefang melato;
Re mo tshepeng kaofela, – dibe a di tlose;
Bohle ba ka dumela: – O ba lopolotse.
2 Ba dumelang ka 'nete – Ba ka nyaroha ke 'ng?
Ba telang taba tse mpe – Ba lahlehile neng?
Ke bana ba lefatshe – Ba ka thothomelang,
Ba hlokang Mopholosi – ya k aba pholosang.
3 Ha re hloka lefatsheng – Monono wa lona,
Letlotlo le sa botsweng, – Le teng ho jehova;
Bakhethwa ba 'Moloki – Ba le bona ho shweng,
Lefa la bapholohi, – lee ba le jang botleng.
4 Re tlisetseng tumelong, – Ha re sa le tlase;
Ho kena lehodimong, – Re tele lefatshe;
Re kopaneng le Jesu – ya re fang bophelo.

(12 rating, 3 votes)