Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Utloang sello sa lichaba

1 Utloang sello sa lichaba,
Ke sello sa phohomela:
Rea timela! (bis)
Ke sa chaba tsa ba batšo,
Tse ngata-ngata, tse kholo,
Tse hole le tse haufi,
Le tse mose ho Zambesi.

2 Jo, ho ka bolela mang na
Tse re nyarosang tsa bona?
Bomalimabe! (bis)
Lefifing le letšo-letšo
Ba holehiloe ke lefu;
Ba tletse tšoho le nyooko,
Ba Iahlehetsoe ke tšepo.

3 Na ha le hlomohe pelo,
La ba la utloa boh oko.
La lla meokho? (bis)
Na hase ba habo lona,
Ba lefatše la Afrika?
Na le bona ha se batho?
Na ha ba shoeloa ke Jesu?

4 Utloang, le Moren'a lona,
O nts'a lla, O sa nts'a bitsa:
Ke tla roma mang? (bis)
Hleka O hlokile motho
Har'a bana ba Lesotho,
Ha le khutsitse kaofela,
Ho nts'o bitsa Mong'a lona?

5 Ana ho ea araba mang
Joale, ka pelo e tukang:
Nthome, Morena! (bis)
Ke bothata u bo tšabang,
Lehae u le qenehetseng,
Ha u re: Ho ka ea ba bang,
'Na che, ha ke na taba teng?

6 O, se iketleng hakalo,
Le hlaphoheloe boroko;
Nako ea feta! (bis)
Se someng Moren'a lona
Ea pheellang ho le roma,
Tsohang, se keng la lieha!
Ba lichaba ba timela.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Utloang sello sa lichaba