Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Tlong, baahi ba Lesotho

8.6.8.6.D.

1. Tlong, baahi ba Lesotho
Tlong tlung ea thapelo
Ho tla rorisa lebitso
La Mong'a melemo,
Mong'a lipula le maru,
Letsatsi le meea,
Ea ikhathatsang ka batho
Ho ba fepa lijo!
O loketsoe ke teboho
Molimo ona oa rona;
O hl'o bokoe, o rorisoe,
'Maballi oa rona!
Amen! Amen!

2. Efela re sebelitse
Masimong a rona;
Re lemile, re khobotse,
Ra bar a hlahola.
Empa re ke ke ra bala
Mofufuts'oa rona.
Ho sebelitse Morena,
Ra kenella fela.
O loketse ke teboho, …

3. Joale lisiu li tletse,
Re na le nala hae,
Re tla ja le ho apara,
Re rue ntho tsohle.
'Me le 'ona mofutsana
Re a ele hloko,
Hoba, ha re a baballa,
Re thusa Molimo.
O loketse ke teboho, …

4. Re mpa re kopa, Morena,
Re re, u re rute
Hore re se bee pelo
Ruong la lefatše.
Lintho tsohle lia feta
Tsa lefatše lena;
Re rue, e sa le joale,
Tse se nang ho fela!
O loketse ke teboho, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Tlong, baahi ba Lesotho