Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Molimo o mosa

1. Molimo, o mosa, – Rea u leboha
Ha u re file sebaka – Sa ho hlaha mona.
Tlotlisoa, Morena
T, le B. Bitso la hao le tlotlisoe,
U holisoe hohle, T. le B. hohle.
U tsejoe ke batho bohle, bat la kena mona.

2. Mosebetsi ona – O moholo-holo
Oa ho emisa ntlo ena, – joale o phethiloe.
Tlotlisoa, …

3. U re file matla, – Ra ntša ntho tsa rona;
Uena, hlohonolofatsa – Mofufuts'oa rona.
Tlotlisoa, …

4. Tempele ke ena, – E khethetsoe uena;
Kena ho eona, Morena, – U lule ho eona.
Tlotlisoa, …

5. E hahetsoe uena, – U e halaletse.
E ke e hloke litšila, – Ke ea hao, e rue!
Tlotlisoa, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Molimo o mosa