1 Thabang le nyakalle, ba le holimo,
Le thabele baetsalibe;
Ke ba tsoang lefifing, ba tsoa timelong,
Ba thabeleng, ba phonyohile.
Bokang, le rorise molimo,
Bokang le lerato la Jesu;
Tumisang ka pina tsa khalalelo
Mohlolo ona oa mohau.
2 Thabang le nyakalle, ba le holimong,
Baphaphathehi ba khutlile;
Ba tla ba fokotse, bat la ka lihlong,
Le teng, thabang, ha ba fihlile.
Bokang le rorise molimo…
3 Thabang le nyakalle, ba le holimong,
Ho fentse lerato la Jesu;
Baikhohomosi ba tlile khotsong,
Ba mo ananetse ka pelo
Bokang le rorise molimo…
4 E, pel'a molimo, thabo e kakaang!
Balibe ba tlisoa ke Jesu;
Ba akiloe ke ntate ea ba ratang,
Le bona ba bone mohau.
Bokang le rorise molimo…

(4 rating, 1 votes)