Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (12 rating, 4 votes)
Loading...

Se mphete uen'a ratehang

1. Se mphete, uen'a ratehang,
'Moloki oa ka;
Ha u ntse u utloa ba bang,
U nkutloe le 'na!
Jesu, Jesu, kea u rapela,
Ha u ntse u sitsa ba bang,
Se mphete le 'na.

2. Ke ka ho hlomoha pelo
Ke tlang ho uena;
Ha u hauhela batho,
Nkhauhele le 'na.
Jesu, Jesu, kea u rapela, …

3. Na ke ne ke tla tšepa mang,
Ha e se uena?
Ha u nts'u folisa ba bang,
Mpholise le 'na.
Jesu, Jesu, kea u rapela, …

4. Ha ke na se u khahlisang,
Ke mofutsana;
'Me ha u sa khese ba bang,
se nkhese le 'na.
Jesu, Jesu, kea u rapela, …

5. Jesu, na nka phelela mang,
Ha e se uena?
A lerato le lekaakang;
U nchoetse le 'na!
Jesu, Jesu, kea u rapela, …

6. Tsohle tsee ke li thabelang
Li tsoa ho uena;
ruri, ha u rata ba bang,
Ua nthata le 'na.
Jesu, Jesu, kea u rapela, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Se mphete uen'a ratehang