-
Re rata ha re ka bona (We would really love to see)
Jesu, letsatsi la rona; (Jesus our sunshine;)
Taba tsa hae ke lesedi (His Word is a light)
Le lelekisang lefifi. (That removes all the darkness.) -
Re khelohile hakaakang! (We have turned away from Him)
Re tla botsa tsela ho mang? (Who can show us the was to Him?)
Tsela ya ‘nete ke Jesu; (Jesus is the only way;)
Tlong, a re ‘matleng, baheso. (Come beloved, lets run to Him.) -
Baitshepi ba lahleha, (Believers sometimes stumble)
Ba leng boi ba teneha; (And they sometimes fall)
Ha ho bohlale ho batho, (We lack wisdom,)
Le matla a sieo kwano. (And we are very weak) -
ya sa rateng ho timela (Whoever does not want to be lost)
A latele Jesu fela; (Must only follow Jesus;)
A se ke a tshaba letho, (He must never fear anything,)
A hlobohe tsa bokhopo. (But turn away from unrighteousness.) -
Leha batho ba mo tshwenya, (Even when people trouble him,)
Ha ba ka ke ba mo senya; (They will never ruin him)
Jesu a ka tlohela jwang (Because Jesus will never leave)
Bana ba hae ba mo ratang? (All His children who love Him) -
ya itshepetseng Morena (He who trusts in the Lord)
O tla pholoswa ke eena; (Will be forever saved by Him)
O tla kena lehodimong, (He will take Him to heaven,)
A dule lehlohonolong. (In eternal bliss.) -
Jesu, ‘Moloki e motle, (Jesus our beautiful Saviour,)
Tlosa ho ‘na dibe tsohle; (Keep sin away from me;)
Ke fetohe ka tumelo, (So that by faith I can be changed,)
Ke itshabise timelo! (And be saved from eternal destruction)
Re rata ha re ka bona


(99 rating, 28 votes)