1. Oa nkalosa: ho ntekane;
Tisong ea hae kea phela.
Ka mosa, ka bokhabane,
Jesu o nts'a ntlhokomela.
E, e, Jesu ka sebele
O 'nenesa ka letsoho;
Ke een'a nketellang pele,
Ea nkalosang ka lerato.
2. Oa nkalosa: na nka tšaba'ng,
Ke belaele ka life,
Ha molisa ea nkalosang
A le molemo hakale?
E, e, Jesu ka sebele …
3. Oa nkalosa: taba tsa me
Ke een'a li tsebisisang;
Nka tsieloa, ke sa bone,
Empa ke een'a nkalosang.
E, e, Jesu ka sebele …
4. Oa nkalosa: ha se motho
Ea robalang, a lebale;
Motšeare le bosiu,
O ntisa a ntalimile.
E, e, Jesu ka sebele …
5. Oa nkalosa ka sebete,
Ha ke le ntho e sareloang,
A ntsose, a ntlheke butle
Ka paballo e makatsang.
E, e, Jesu ka sebele …
6. Oa nkalosa: ho ntekane;
Ha a khaohane le 'na.
O tla ntšelisa Jordane,
A mphihlise hae, Kanana.
E, e, Jesu ka sebele …
7. 'Me lilibeng tsa bophelo,
Menyakeng e sa boleloeng,
Ea tla ntisa ka lerato
Ke eena ka ho sa feleng.
E, e, Jesu ka sebele …


(30 rating, 9 votes)