1. Nyakallang lefatshe lohle,
Lona ba senyehileng;
Jesu o batla kahohle
Batho ba lahlehileng;
Ba fetohe, (bis)
Ba sokolohe bobeng.
2. Molao wa 'Moloki o teng
Ho barutwa kaofela,
Hore ba ise dichabeng
Ditaba tsa ho phela;
Batho bohle (bis)
Bo bolokehe ho shoeng.
3. E-eang, le re, ke ba shoetse,
Ke ba lefetse dibe,
Le Satane ke mo hlotse,
Matl'a hae a fedile.
Sefapano, (bis)
Topollo e hlahile.
4. Utlwang lentswe le molemo
Le romiloeng ke Jesu,
Le le kuke ka tumelo,
Ke le phedisang batho;
Matl'a lona (bis)
A ka fetola pelo.
5. Tumisang jwale hosanna!
Modim'o re etetse,
Bophelo re ya bo fumana,
Jesu o bo tlisitse.
Ba sione, (bis)
Tlong, re mo dumedise.
6. Jesu, thusa lentswe la hao,
Le hasane lefatsheng;
bohle re hopole molao
Oo re o boleletsweng;
Re phakise (bis)
Ho bontsha ba lefifing.

(139 rating, 35 votes)