1. Nyakallang lefatše lohle,
Lona ba senyehileng;
Jesu o batla kahohle
Batho ba lahlehileng;
Ba fetohe, (bis)
Ba sokolohe bobeng.
2. Molao oa 'Moloki o teng
Ho barutuoa kaofela,
Hore ba ise lichabeng
Litaba tsa ho phela;
Batho bohle (bis)
Bo bolokehe ho shoeng.
3. E-eang, le re, ke ba shoetse,
Ke ba lefetse libe,
Le Satane ke mo hlotse,
Matl'a hae a felile.
Sefapano, (bis)
Topollo e hlahile.
4. Utloang lentsoe le molemo
Le romiloeng ke Jesu,
Le le kuke ka tumelo,
Ke le phelisang batho;
Matl'a lona (bis)
A ka fetola pelo.
5. Tumisang joale hosanna!
Molim'o re etetse,
Bophelo rea bo fumana,
Jesu o bo tlisitse.
Ba sione, (bis)
Tlong, re mo lumelise.
6. Jesu, thusa lentsoe la hao,
Le hasane lefatšeng;
bohle re hopole molao
Oo re o boleletsoeng;
Re phakise (bis)
Ho bontša ba lefifing.


(14 rating, 4 votes)