Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Naha tsohle tsa lefatše

88.7.8.7.D

1 Naha tsohle tsa lefatše,
Rorisang leholimo.
Le chabeloa ke letsatsi,
Le rongoa ke Molimo.
Ba lefifing bat la tseba
Molopolli oa bona;
Ba tla bontšoa ke leeba,
Leeba la Jehova.

2 Jesu o n'a shoele batho,
Ho ba lefella libe;
Joale, ba tlosoa melato
Ka tumelo ea 'nete,
Konyana e re hlabetsoeng
E ba bitsa kaofela;
E re ba lopolloe ho shoeng,
Ba abeloe ho phela.

3 Jesu o roma! Itaba
Ho bohle ba lefatšeng
Ba tle ba be le ho thaba
Ho bonoang evangeling.
Baruti ba se ba ile
Pheletsong tsa lefatše;
Bongata bo fetohile,
Hohle ho nyakaletsoe.

4 Chaba li tle li rapele
Ho 'Moloki oa tsona;
Le Basotho ba thabele
Mopholosi oa bona.
Le ba e-song ho lumele
Jesu o sa ba bitsa,
Ba tle bamo khumamele,
Ba felise ho nyatsa.

5 Balibe bas a timetseng,
Phakisang ho ba batla;
Molopolli e aba shoetseng,
U ba bitse ka matla!
U ba bokolle ka bong,
Mohlape o be mong fela,
Le Molisa a be mong.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Naha tsohle tsa lefatše