8.7.8.7.D.
1. Na le re, phomolo e teng
Ea bana ba Molimo?
Ke phomolo e sa feleng
Motseng oa leholimo.
E teng, le mona lefatšeng,
Tlo e bone ho Jesu,
Phomolo e phethehileng,
Ho ikhutsa ha pelo.
2. Mokhathala, ho teneha,
Li se li nkene pelo;
Taba tsohle li bosula,
Tsohle li 'nkhela lefu.
Moratuoa ea khathetseng
U biletsoa ke Jesu
Phomolong e phethejileng;
Tlo, u ikhutse pelo.
3. A, ruri lefatše lena
La tšehlo le meutloa,
Leruo lohle la lona
Ke bosaoana fela.
Tlo, o, u tle ea ratehang,
Tlo phomolong ho Jesu,
Hloboha tse u imelang,
Tlo, u ikhutse pelo.
4. Jesu, setšabelo sa ka,
U tšepo ea ka eohle;
Joale, ha ke san a taba,
Ke oa hao, ho felile.
Ruri, le mona lefatšeng,
Ke fumane ho Jesu
Phomolo e phethehileng,
Ho ikhutsa ha pelo.
