1. Morena, ho etsahale
Ho ratoang ke uena fela;
Ha u rena, ho lokile;
Laela, ke tla mamela!
2. U robe ho rata ha ka,
Ho likela, ho be sieo;
Ha u mpeile mohlanka,
Ntlame ka ho rata ha hao!
3. Ke sefofu, ke sethotho,
Mothonyana ea fokolang;
Ha ken a ho bua letho,
Ke uena ea ka ntaelang.
4. Tse molemo, tse ntoketseng,
Ho 'na li ntse li ipata;
Empa nka belaela ke'ng?
Uena, Ntate, ua li tseba.
5. Ntataise, supa tsela.
'Na che , ha ke san a taba;
Nka fela ka u latela,
Ha u ntumella, Morena

(28 rating, 7 votes)