Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Molimo o re ratile

1 Molimo o re ratile,
Rona likhoahlapa,
Lira tsa hae tsa sebele,
Mehlaka-follela.
Jo, le hlolla hakaakang,
Rato le lekalo!
Le sa khetseng mang kapa mang;
Rato la molimo!

2 Mohla u rerang topollo,
Menono kaofela
Ea mafatše, ea mebuso,
E bile lefela.
Jo, le hlolla hakaakang…

3 Khanya, bongata, le hloeko
Tsa ba leholimong
Ha li bape le topollo
Ea motho a le mong.
Jo, le hlolla hakaakang…

4 E,ke eena ka sebele
Mor'a hao a 'notši
Ea tsoileng, eseng osele,
Ho shoela lefatše.
Jo, le hlolla hakaakang…

5 Jo, khale le phethehile
Rato le mohlolo!
Mali a hae a lefile,
Re na le topollo.
Jo, le hlolla hakaakang…

6 Ana ke ka u rata joang,
Ke u boke, ke re'ng,
O, mong'a ka ea ratehang,
Uen'a ntopolotseng?
Jo, le hlolla hakaakang…

7 Ke imeloa pelong ea ka,
Ke llisoa ke thabo.
Ahe, ahe, kea boka,
Jesu ea lerato!
Jo, le hlolla hakaakang…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Molimo o re ratile