1. Lintle tsa hao li teng ho 'na,
U mphe tebogo, Morena;
U ntokisetse thapelo (bis)
Le thoko ea kananelo. (bis)
2. Ha ke khathetse. Ua mpepa;
Ha ke lapile, ua mphepa;
U bohobe bo nkhorisang, (bis)
U seliba sa nkholisang (bis)
3. U liseli la lifofu,
U leleme la limumu;
Ha ke thibane litsebe, (bis)
U li phetle, ke u tsebe, (bis)
4. Ha ke lela, ua ntselisa;
Ha ke baba, ua mpholisa;
U moruti ea re rutang, (bis)
U 'Mploki ea bolokang. (bis)
5. Ha u mpitsitse, ka utloa,
Lefatše ka le furalla;
U nkele leseli, 'Moloki, (bis)
U ntemose, Moeletse! (bis)
6. Tsela ee ke e tsamaeang,
Monyako oo ke o kenang,
Ke Moren'a leholomo, (bis)
Mong'a 'nete le molemo. (bis)
7. Ka eena ho fela bobe,
Ka eena ho hlahe bottle;
Ke eena phetho ea molao, (bis)
Ea re pholosang ka mohau. (bis)
8. U Molisa ea nkalosang,
U Mopheli ea mphelisang;
U thoko ea ka, u Jesu, (bis)
U letlotlo la haeso. (bis)

