Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ntat'a rona ea holimo

1. Ntat'a rona ea holimo,
Bitso la hao le halalele;
ho ke ho tle 'muso oa hao, (bis)
O anafale hohle.

2. See u se ratang, Morena,
Se etsoe kahohle lefatšeng,
Joale ka ba le ho uena (bis)
Ba se sebetsa botleng.

3. U re siele kajeno
Bohobe ba ka mehla eohle.
U kholise le lipelo (bis)
Tsa bana ba hao bohle.

4. U re tšoarele melato,
Joale ka rona re tšoarelang
Liketso tse mpe tsa batho (bis)
Ba melato ho rona.

5. Se re tlohele melekong,
U re loele bobeng, Morena,
Re be re finyelle hloekong (bis)
Le khanyeng e ho uena.

6. Hobane 'muso ke oa hao,
Matla, le khanya le bophelo.
U tletse 'nete le mohau (bis)
Ka ho se nang bofelo.

Leave a Reply

Ntat'a rona ea holimo