9.6.9.6.
1 Lichaba tsohle tsa lefatše
Li tla tla sioneng;
Ba lutseng bochabela-tsatsi,
Le bo phirimeleng.
2 Batho bohle batla phuthana
Ho boka Morena;
Ba tla lula, batla retana,
Ba lese ho loana.
3 re tla busoa ke Jesu fela,
Ke eena Morena;
Batho ba tla mo khumamela
Ba ane ka eena.
4 Banna ba tla besa marumo
Ho tea mehoma;
Ho tla tsamaeloa lefumo
Le tsoang ho Jehova.
