1. Letsatsi la hao, Morena,
Le ntse le atamela;
Le leholo, lea tšabeha,
La ho tla nka borena.
U itse, u tla lekisa
Sholu la bosiu;
Ke eona nako ea hao ea ho tla,
E sa tsejoeng ke motho.
Raohang bakreste, le lebelle
Morena;
Matheka a lona a tlangoe,
Lampi tsa lona li tuke, li khanye;
Le emise lihlooho tsa lona,
Le lelalle holimo, holimo.
Topollo ea lona ke ena;
Nyakalla, lebohang!
E phethehile ntoa ea lona,
Alleluya!
2. Ikhetheng ho ba litšila,
Le tsoeng ka har'a bona;
Baballang aparo tsa lona,
Li hloke le letheba.
Tšabang, esere mohlomong
Tsatsi la tlokotsi
La le oela le sa le borokong,
Libe li le imetse.
Raohang bakreste, le lebelle …
