Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Leholimong, hae le letle

1. Leholimong, hae le letle,
Hae la ka la phomolo,
Jes'o nketeletse pele,
O mpeetse litulo.

O, ngoan'eso ea khathetseng,
Ea khotšeng pelaelo,
Etla pelo, lehae le teng,
Hae la phomolo!
Le ka mose ho Jordane,
U bohe ka tumelo
Fatše leo le khabane,
Hae la phomolo!

2. 'Na ha nka ke ka kena teng
Ke nanara, ke tšaba,
Ha 'Moloki ea nthatileng
A le teng, a ntebella.
O, ngoan'eso ea khathetseng,….

3. Jesu ke eena ea ntsebang,
O nchoetse sefapanong;
Oa mpuella, oa nthapella
Le joale, liholimong.
O, ngoan'eso ea khathetseng,..

4. A ke ke a hakoa ke 'na,
O ntseba le lebitso,
Mali a hae a le ngola
Le bukeng ea bophelo.
O ngoan'eso ea khathetseng,..

5. Empa le 'na ha ke kena,
Ke 'mona sefahleho,
Ke tla mo tseba, le eena,
Jesu, Mor'a Molimo.
O ngoan'eso ea khathatseng,..

6. O, ho tla ba monate joang
Ho kopana le eena,
Jesu eo ke mo ratang,
Jesu ea nthatang le 'na!
O, ngoan'eso ea khathatseng,…

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Leholimong, hae le letle