8.8.8.8.8.8.
1 Ke lumetse ho Morena,
Ke mo neile pelo ea ka;
O I neetse ho mpoloka,
Ke mo rata bakeng lena.
Lefu la hae lea mphelisa,
Rato la hae lea nthabisa.
2 Ke telile tsa lefatše,
Ke hlobohane le tsona;
Tlo, Jesu, u ahe ho 'na
Ka letsatsi le letsatsi.
Lefu la hae lea mphelisa,
Rato la hae lea ntšelisa
3 Ke khomaretse Morena,
Ke lehlohonolo la ka;
Ke tšabelo, ke lefika,
Ken a le tsohle ka eena.
Lefu la hae lea mphelisa,
Rato la hae lea ntšepisa.
4 Taba ea ka fatšeng lena
Ke hore ke rate Jesu ,
Le ho tsebisa ba heso
Thabo e bonoang ho eena.
Lefu la hae lea mphelisa,
Rato la hae lea nkholisa.

(9 rating, 2 votes)