1 Ho 'mopi oa batho
Lona ba melato
Le inyatseng!
tšabo e tšoanela
Ba tlang ho rapela
Ea se nang ho fela ,
Ea re entseng .
2 Thoko tsa Molimo
Li binoa holimo
Ke bapheli ;
Rona, re khutsa ke'ng?
Le mona lefatšeng
Re tsamaea pontšeng
Ea mohloli.
3 Re bokeng hararo
Ea kaletseng maru ,
Ea tšabehang ;
Re re: u moholo,
Moholo , moholo!
U re fe lipelo
Tse u tšabang .
4 'Moloki ea mohau,
Ke ka lefu la hao
Re ka phelang;
Re ne re itšentse,
U ikotlisitse ,
U lokiselitse
Ba lumelang.


(17 rating, 5 votes)