1 Bonang sefapanong
'Moloki wa batho,
Ho re lopolla tahlehong (bis)
A ineela lefu. (ter)
2 A shwa ke lerato
Lee a re ratileng;
A re jarela thohako, (bis)
Re lokolloe dibeng. (ter)
3 A tshoha boimeng
Ba dibe tsa rona
Lefu a le utlwa moyeng (bis)
Le tshiu ya lona. (ter)
4 dikhororo tsa hae
Ke phophi tsa madi,
Serapeng sa Gethsemane (bis)
Tsa rothela fatshe. (ter)
5 Mora wa Modimo
A tliswa Golgotha;
Ka ho jara sefapano; (bis)
A fediswa matla. (ter)
6 A rweswa meutlwa,
A phunngwa maoto,
Dibe tsa ron'a di utlwa (bis)
Hoba di bohloko. (ter)
7 A fehwa sefateng,
A nyaroha hamper,
Ba mo hlaba lehlakoreng, (bis)
Ka rumo le lebe.(ter)
8 Empa go fedile,
Molao o phethiloe;
Madi jwale a lefile, (bis)
Tsohle di lokile. (ter)


(70 rating, 19 votes)