1 Ba nyoriloeng, le tle metsing,
Bahloki, le tle sebeseng;
Leha le setoa ke theko,
Le tla fuoa lekelo. (bis)
2 Lereka'ng se seng ho ja,
Se ka le lapisang moea?
Le 'mamele ka teboho,
Le tle le khore monono. (bis)
3 Le batle Moren'a lona
Ha le sa ntse le ka 'mona
'Mitseng h'a sa le haufi;
'Moloki e mong ke ofe? (bis)
4 Khelohang, le battle tsela
E lokileng, ea ho phela;
Ba bakelang libe tsohle,
Ba tla amoheloa bohle. (bis)
5 Mehopolo ea Molimo
E fetisa leholimo;
O tšoarela halekholo
Ba ipolelang melato. (bis)
6 Pula e tebelang mobung
E ka khutlela joang marung?
E tla melisa mabele,
Balemi ba athabele.
7 Jesu, ho joalo le molao
O tsoileng molomong oa hao;
O tla hlahisa kahohle
'Muso oa khotso, oa bottle. (bis)
