1 Ke habile lehodimong,
Tseleng ha ke na bodutu;
Ha ke tsamaee ke le mong,
Ke na le Morena Jesu.
2 Lefelleng moo ke tsamayang,
Ho lahleha ba bangata;
Empa 'na, ya ntsamaisang
Ke Jesu, ke mong a' tsela.
3 Ha ke tsebe pelaelo,
Tlala le ho tshera pelo;
Che, ke ntse ke khora thabo,
Ha ke ntse ken a le Jesu.
4 o, ho monate hakaakang
Ha ke buiswa ke Jesu!
O tseba ho fedisa hang
Tsohle tse nkhathatsang pelo.
5 Mohlomong, tsela e ntenne,
Ke shwele ke mokhathala;
Jesu o teng, ho ntekane,
Wa nkhothatsa, o mpha matla
6 ke habile lehodimong,
Ke ya ka mafololofolo;
Ha ke sa lakatsa ho hong
Ha ke tsamaya le Jesu.

(20 rating, 5 votes)