Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

E, u motle, ua rateha

1. E, u motle, ua rateha,
Khale ke u tsoetse pelo;
U khabane, ua tlotleha; (bis)
Kea u rata, uena Jesu. (bis)

2. Ke uena, Emmanuele,
Molimo, u nkile botho;
Matla, hloeko le bohlale (bis)
Li khanya ho uena Jesu. (bis)

3. U apere bonyenyane,
U tle u fihlele batho;
U bile lekhabunyane (bis)
Har'a bona, uena Jesu. (bis)

4. BoMolimo ba sebele
Bo koaheloang ke bohloko
Bo ntse bo thopohela ntle, (bis)
Bo u bentša, uena Jesu. (bis)

5. Le 'na nka u atamela
Ke sa fahloe ke boholo;
U Molimo, kea u tšepa, (bis)
Kea u rata, u oa heso. (bis)

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

E, u motle, ua rateha