1. Tumelo ke na le eona,
Empa leha ho le joalo
Ke ntse ke rapela ke lla:
U ntotisetse tumelo.
2. Leha ke kholoa ke uena,
Ke u tšepile molomo,
Bobe ho 'na ke lehola,
Pelaelo ke mofero.
3. Morena, kea lumela,
Fothola ho se lumele,
Ntlhaole pelo ka matla,
Mphe tumelo ea sebele.


(17 rating, 5 votes)