Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (7 rating, 3 votes)
Loading...

Utloa, morutuoa

1. Utloa, moratoa oa Morena,
O bua le uena:
O kae eo ke tla mo roma?
E-re: U rome 'na
Ke lena lefatše lohle,
Le ahlamile;
U ka ea kae le kae,
Ho nts'o tletse baetsalibe.
U ba utloele bohloko,
Ke ba seng ba ea timela
U e'o ba bolella Jesu
Ea pholosang batho;
Ba fele ba bolokehe
Ka ho sa feleng!

2. U boletse he, u mohlanka,
Oa u roma joale;
Kereke ea hae ea u roma,
Hammoho le eena.
Ke lena, …

3. Tsamaaea, ngosa la Morena,
Ea moo a u romang;
U se hlole u reteleha,
Hloka se u sitang.
Ke lena, …

4. Fatše la heno u le tele,
Le baa u ba ratang;
Moo u eang, u tla b'u fihlele
Bana beno ba bang.
Ke lena, …

5. Tsatsi la hae mohla le fihlang
Jesu a u boke:
U tlisitse ba bang leseling,
U bile khabane.
Ke lena, …

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Utloa, morutuoa