1 Pel'a tulo se tšabehang
Sa borena ba jehova,
Bohle , batho ,atamelang,
Anang ka ho thothomela. (bis)
2 Le mo tsebe ,ke Molimo,
Ke 'mopi oa lintho tsohle ;
Machaba , marena , bafo,
Pel'a a hae e ka lerole, (bis)
3 Oa laea oa khalemela,
Ho se ea ka mo fetolang;
Oa phelisa, oa timetsa,
O etsa kamoo a ratang. (bis)
4 Empa ho eena lerato
le khanya joale ka matla,
le timetsa mehopolo;
hape, ha le na ho fela. (bis)
5 Morena, u re bopile
U re baballa ka matla ;
Ntate, u re bolokile,
Ha re sa ho timela. (bis)
6 Re tla phahamisa mantsoe
'moho le machaba-chaba;
Bohle, ka pelo e le 'ngoe;
Ke mehla re tla u boka. (bis)

