Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (9 rating, 2 votes)
Loading...

Ke tla tseba joang

11.11.11.11.

1. Ke tla tseba joang hoba ke tšoaretsoe
Be tsohle tsa ka le tsa bonyenyane?
Ho 'na ke phahlo e boima hamper;
Li kaa ka lehlabathe la leoatle.

2. Ke tla tseba joang hoba ke lumetse
Ka tumelo e phelang, ea sebele?
Satan'o ntšela ka lipelaelo;
O re, ha ke na ho phema timelo.

3. Ke tla tseba joang ha Moea o ntsoetse
Ka tsoalo ea bobeli, ke nchafetse,
Ha ke sa fumana pelo ea nama
E rata ka mehla ho 'na e mpusa?

4. Ke tla tseba joang hoba bitso la ka
Le ngoliloe ka ukeng ea bophelo,
Hore ke baloe har'a majalefa
A tla ja bophelo ba leholimo?

5. U ka tseba hantle, ngoan'a Morena,
Ha u rata Jesu le bana beno;
Ho tsohle lerato ke ntho e kholo,
Lerato ka mehla, lerato fela.

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

Ke tla tseba joang