Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (10 rating, 2 votes)
Loading...

O Molimo o tletseng mosa

9.8.9.8.9.8.

1 O Molimo o tletseng mosa,
Ke tlile ho u rapela;
Empa ke simolla ka ho re,
Ho rapela ha ke tsebe.
Oho,Moren'a ka ,u nthute,
Ho u rapela ka 'nete!

2 Ho fihlela letsatsi lena,
Ke atisitse ho bea
Merapelo e se nang taba,
Ea molomo le ea mokhoa
Oho, Moren'a ka, u thute
Ho u rapela ka 'nete!

3 Ke ne ke qale ho rapela
Ho se ho le halelele;
'Me merapelo ea ka joale
E ka baloa ka likete.
Oho, Moren'a ka,u nthute
Ho u rapela ka 'nete!

4 Ke 'na hase le ho hlomoha
Ha ke sa le mofutsana
Ea sa kang a fihlela letho
Merapelo e mekalo.
Oho,moren'a ka,u nthute
Ho u rapela ka 'nete!

5 Ke neneng ke rapela, ka re
Sebe se ntese, se tlohe!
Se sa le teng, se na le matla,
Athe ha ke sa se rata.
Oho, Moren'a ka, u nthute

6 Ke neneng ke kopile pako
E sa khutleng morao?
Bona hle, Ntate, mekhoa ea ka
Ea khale e sa le ena.
Oho, Moren'a ka, u nthute

7 Ke sa ntsane ke kopa Moea,
Ha ke phetse ho o batla;
O tla tlala neneng ka ho 'na,
Ke hlobohe bofutsana?
Oho, Moren'a ka, u nthute

8 Litšitso tsa hao, Moren'a ka,
Li lutse joalo kaofela;
U lakatsa ho 'nea tsohle.
Empa ha ke kope hantle.
Oho, Moren'a ka, u nthute

Leave a Reply

Your email address will not be published. Required fields are marked *

O Molimo o tletseng mosa