8.8.7.7.
1 Molimo, ha u ipata,
Ana nka re, u sa nthata?
Taba ena ke teko
Molimo o lereko
2 Leha u sa nkakofele
Ke tla ne ke u rapele;
Efela u tla nthusa,
Hoba u tletse mosa
3 U na le pelo, u Ntate,
U ntse u mpha tse monate;
Ke leqeba, ua nkoka;
Ke tennoe, ua nkothatsa
4 Leha Satan'a puruma,
Leha maru a ka luma
Le batho ha ba ntšoenya
Ha ho ntho e tla ntšenya.
5 Ke tšabetse ho Morena,
A nthola, k aba ho eena;
Ho pheleng oa mpoloka,
Ho falleng o tla nkuka.
6 Ba lefatše ba ka ilela
Lefumo le tlang ho fela;
Ke khomaretse Jesu,
Ke letlotlo la heso
7 Jesu, ha ken a le uena,
Ke mononi, ke morena;
Ke tetse tsohle tse ling,
Ho rua tse sa feleng.
