8.7.8.7.
1 Tsohang baena,lebelang
Monghali oa utloala;
Boning Monyali, lelalang
Jesu Kreste o ea tla. (bis)
2 O tla ho busa bakhethoa
Ho lokolla phutheho;
Mahlakana a tla ajoa
A khabisang lihloho. (bis)
3 u se tšabe, mohlatsoana
O ratiloeng ke Ntate ;
Sefapanong sa konyana
U khotsoe hamonate. (bis)
4 Fatše ha le u rorela,
Ho uena ke thoriso.
U hlotse ka ho lumela,
ka lerato le tšepo. (bis)
5 Thoko e isoe ho Jesu,
tšepo ea ka le matla,
Ho lehlohonolo motho
Ea mo tšepang ka mehla! (bis)
