8.7.8.7.
1 Tsee ke leng ho tsona fela
Ketse baloang Bibeleng;
Ke li lumetse kaofela,
Ha ke mamele tse ling.
2 Ke utloa matla a tsona,
Ke matla a Molimo
A bolokang mee'a bona
Ba batlang leholimo
3 Moren'a ka, u bolele,
Ke ntse ke u mametse
Ha u re li nkhalemele,
Mohlomong li ntšelise.
4 Pelo ea ka e thabele
Litaba tsohle tsa hao;
Ke tiee, ke li mamele,
Ke tsamaee ka molao.
