1. Tau li ka lapa, tsa shoa ke tlala,
Ba tšepang Morena – Hase likhutsana;
Bofumeng ba bona – oa ba tsebela.
2. Leha u tsietsoe, u foufetse,
Ke eena ea rerang – Kamoo a ka tsebang,
Le kamoo a ratang: – Oa u tsebela.
3. Leha u thethetsoe, pelo e fela,
Ha u thuse letho – Ka lipelaelo.
Ea khethileng nako – Oa u tsebela.
4. Leha a lieha, ha a lebale;
Hase ea koenehang, – Hase ea fokolang;
O, ke ea tšepehang; – Oa u tsebela.
5. U tšepe Molimo, tšepa ka mehla;
Khutšisa letsoalo, – Tsamaea ka tšepo,
U khabe ka thabo: – Oa u tsebela.
